DIPHATLALATSO TSA POLOKELO YA SEMOLAO
Polokelo ya Semolao ke kgopolo e amohelwang hohle lefatsheng
Na Polokelo ya Semolao ke eng?
Polokelo ya Semolao ke tlamo ya molao eo baphatlalatsi ba mefuta yohle ya ditokomane ba bolokang palo e itseng ya dikhopi tsa tokomane ka nngwe e phatlaladitsweng dibakeng tseo ba di kgethileng tsa polokelo ya semolao.
Mona Afrika Borwa, tokelo ya dilaeborari tsa polokelo tsa molao hore di amohele dikgatiso tsa ditokomane tse phatlaladitsweng e tshetlehilwe hodima Molao wa Polokelo ya Semolao wa 1997 (Molao wa No. ya 54 wa 1997).
Ditokomane di lokelwa ho romelwa dibakeng tsa polokelo ya semolao ka ditjeo tse tla leshwa ke baphatlalatsi matsatsing a 14 ka mora phatlalatso.
Sepheo
Sepheo sa polokelo ya semolao ke ho bokella, ho boloka le ho etsa hore kajeno le ka moso lefa la dingolwa le la setho la naha le be teng, le ho hlokomela hore ho ke ho fihlellwe ditokomane tsohle tse amohetsweng.
Polokelo ya semolao Afrika Borwa
Polokelo ya semolao Afrika Borwa e qadile ka selemo sa 1842 ha Molao wa Tumellotshebediso wa Brithane o ne o sebediswa Mmusong wa Borithane ohle.
Molao o ile wa tswela pele ka Molao wa Tumellotshebediso wa 1965 le Molao wa Phatlalatso wa Polokelo wa Semolao ka selemo sa 1982, ho fihlela Molaong wa hona jwale, Molao wa Polokelo wa Semolao, o fetisitsweng ka selemo sa 1997, ho kenyeletswa polokelo ya ditokomane tsa eleketeroniki le pono-kutlo (audio-visual).
Tokomane? ke eng?
Tokomane ? ke ntho e nngwe le e nngwe e reretsweng ho boloka kapa ho fetisa tsebo ka mongolo, mekgwaritso, dipono, dikutlo kapa mokgwa o mong o utlwisisehang ka tsamaiso e nngwe le e nngwe.
Na ke eng e lokelwang ho bolokwa?
Tokomane efe kapa efe:
e reretsweng hore e ntshuwe e be e abelwe setjhaba sa Afrika Borwa e bolokang kapa e fetisa tsebo ka dingolwa, pono, kutlo, eleketeroniki kapa mokgwa ofe kapa ofe feela ke phatlalatso kapa kgatiso e phehwang hape eo e fapaneng haholo le phatlalatso/kgatiso e fetileng ho ya ka dikahare kapa mokgwa oo e ngotsweng ka teng e phatlaladitswe Afrika Borwa kapa ya lokisetswa setjhaba sa Afrika Borwa
Mehlala ya dihlopha tse dumelletsweng ho ba Polokelong ya Molao:
Dipapatso tsa kgwebo
Manane a dinako tsa ditshebeletso tsa transporoto
Diraporoto tsa selemo tsa sekolo
Dikhalendara
Diphoustara tse hlahisitsweng mabapi le ho ruta ho qalang
Diraporoto tsa mosebetsing tsa sephiri tsa dikhampani
Tjhelete ya pampiri kapa ditjheke.
Melemo ya Polokelo ya semolao
E etsa hore ho kgonwe ho fihlelwa dintho tsohle tse phatlaladitsweng Afrika Borwa
Ke tse ding tsa ditshiya tsa bolokolohi ba ho fumana tsebo
Ke rekoto ya diphatlalatso tsohle tseo naha e di hlahisang
E hlokomela hore bonyane kgatiso e nngwe le e nngwe ya tokomane e phatlaladitsweng e a bolokwa , mme e teng ha e adingwa
E boloka dingolwa tsa bangodi le baphatlalatsi ho bao ba tla fuputsa ka moso
E etsa motheo wa ho bokella Bibliokerafi ya Setjhaba ya Afrika Borwa e hlokomedisang basebedisi naheng ka bophara ka ho ba teng ha diphatlalatso , mme ka ho etsa jwalo e ntshetse pele ho ajwa le ho rekiswa ha tsona
E bopa motheo wa pokello ya dipalopalo tsa tlhahiso ya dibuka tsa matjhaba ka Mokgatlo wa Saense le Thekenoloji wa Thuto wa Kopano ya Matjhaba (UNESCO) oo e leng mohlodi wa bohlokwa wa lesedi kgwebong ya dibuka.
Dintlha tsa Kgokahano tsa Dilaeborari tsa Polokelo ya Mmuso
ELA HLOKO: Laeborari e nngwe le e nngwe e hloka kgatiso e le nngwe feela ya tokomane ka nngwe. Diakhaeve tsa Modumo le Video, Ditshwantsho tsa Setjhaba (The National Film, Video and Sound Archives) di hloka ditokomane tsa mmino, dintlha tsa sinematokerafi, media ya tse ngata, dikgatiso tsa medumo le divideo.
Thuso ka mohala
Thuso ka mohala e ya fumaneha Laeboraring ya Setjhaba ya Afrika Borwa e shebanang le ditaba tse tsamaelanang le polokelo ya semolao:
Iteanye le:
Bakeng sa dipotso dife kapa dife tse mabapi le dilaeborari tse ikgethang tsa polokelo ya semolao o ka iteanya le:
Laeborari
Motho eo ho ka buisanwang le yena
Aterese
Nomoro ya mohala
Mangaung
Bloemfontein
Bloemfontein
Pietermaritzburg
Mohokahanyi wa Polokelo ya Semolao:
Modulasetulo wa Komiti ya Polokelo ya Semolao:
Ofisi ya Komiti ya Polokelo ya Semolao:
